Shebe Maburna o tla qeta matsatsi a phomolo tjhankaneng

Sebini sa Limpopo Katlego Chauke ya tsebahalang ka lebitso la Shebe Maburna, o tla qeta matsatsi a phomolo tjhankaneng.

Maburna o hlahile ka pela lekgotla la dinyewe hoseng ha labobedi [17 Tshitwe] moo lekgotla le mohanetseng ka Bail.

Sebini sena sa pina ya Ambulance le tse ding, se ile sa tshwarwa ka mora ho fumanwa ka sethunya le mahlahlela a seng molao mme sa qoswa le ka teko ya polao le ho otla.

Maburna o ne a ntse a le kantle ka bail ya melato e meng mme sena se bapetse karolo e kgolo ho hanelweng ka bail.

Pejana botjhotjisi bo ile ba nganga ha Maburna a sa qale ho hlaha ka pele lekgotla ka diqoso tse tshwanang le tseo a qoswang ka tsona.

Bopaki bo bong bo ile ba hlahele moo Maburna a neng a hlahela a sebeditse le sepolesa le ditho tsa NPA ho nyametsa bopaki.

Maburna, o tla fetwa ke mekete ya mefelo a selemo eo a neng a lokela ho thabisa letshwele ho yona.

Ba bang ba bahlophisi ba mekete ena, bane base ba lefile Maburna hoba karolo ya mekete ya bona mme sebini sena setla lokela ho kgutlisa ditjhelete tseo.

Maburna, o tla kgutlela hape lekgotleng la dinyewe ka kgwedi ya Hlakola selemo setlang ho shebana le diqoso tsa hae tse akgang teko ya polao le tse ding.

 

BALA HAPE: Mathata a sebini sa lekompo Katlego Chauke a hlwa mekwalabaÂ