Melaetsa ya matshidiso e tswelapele ho kena lapeng la DJ Warras

Melaetsa ya matshidiso e ntse e tswelapele ho kena ka bongata le lapeng la DJ Warras ya bolauweng ka ho thungwa ka labobedi la 16 Tshitwe.

DJ Warras, e ne e le molwanedi wa ditokelo tsa Ma’Afrika Boroa kgahlano le meaho e nkuweng ka mahahapa ke batho ba tswang dinaheng tse kantle.

Baahi ba Afrika Boroa le basebetsi mmoho le sebohodi sena ba ntswe leng hore ba bolayi ba rakgwebo enwa ba fumanwe mme ba tobane le letsoho la molao.

Matsatsi pele a fellwa ke bophelo, DJ Warras o ne a bua kgafetsa ka meaho e Johannesburg eo batho ba dulang ho yona ntle le molao mme o ne a etsa le boipiletso ho botsamaisi ba toropong ho nka mehato.

E mong wa balwanedi ba ditokelo tsa ma’Afrika kgahlano le melata e kenang ntle le molao ka hara naha Jacinta Ngobese-Zuma, o entse boipiletso ba hore hobe le mohwanto ho ntsha maikutlo.

Ngobese-Zuma ke emong wa batho ba lwana molamu wa hlooho kgahlano le bothata ba melata e teng ka hara Afrika Boroa ntle le melao ha e qeta e be e etsa botlokotsebe.

Le ha hose netefaletso, menyenyetsi ke hore batho ba bahlano ba hlongwa dipotso ka polao ya DJ Warras mme e ka moetsi ea ketso eo ke mosadi eo e leng modudi ntle le molao h e meng ya meaho.

Tebello ke bo bona hore taba ena e tla tonelwa mahlo ha kae jwalo ka ha dipolao tsa batho ba tummeng dintse dija setsi.

 

BALA HAPE: DJ Warras o hlaselwa le ho nkelwa bophelo Carlton Centre