
Cassper o leboha batshehetsi ka mora #FillUpToyotaStadium
Sebini sa mmino wa Hip Hop le Rap Cassper Nyovest, o lebohile batshehetsi ba hae baneng ba tswille ka makgalo o hle ho tshehetsa mokete wa hae.
Cassper o ne a tshwere mokete o moholo wa mmino lebaleng la dipapadi la Toyota Bloemfontein mme o ne a rekisitse ditekete kaofela.
Letswallwa lena la North West, le ne le sa qale ho tlatsa lebala la bolo botshehetsi. Le leng la mabala a maholo ao Cassper a ileng a etsa nalane ka lona ke la FNB e nkang batho ba 90 000.
Cassper o ngotse ho marangrang ho leboha batho bohle ba bileng teng ho keteka le yena jwalo ka ha a ntse a tswelapele ho etsa nalane.
“Bloemfontein!!! Ha o nkolote letho. Ke leboha ho menahane. Ke tlohetse pele yaka sethaleng mme ke dumela ha boholo bo thusehile. 30500 ya batshehetse.”
Hara dibini tse bileng teng ho tshehetsa Cassper, e bile Emtee, LeGoody, Sannere, Ntate Stunna, Makhadzi le ba bang ba bangata.
Hona mafelo a beke, molekane wa sebini sena ke ha a fumana lesea la ngwanana mme ke lesea la hae la bobedi le ha wa pele e bile le kgarebe ya hae ya pele.
BALA HAPE:Â Cassper Nyovest o tlo etsa “Fill Up” Foreisitata
