Karyn White o tla thabisa letshwele moketeng wa CUFA

Sebini sa mose ho mawatle Karyn White, o lebelletswe ho thabisa letshwele mokete wa selemo le selemo wa CUFA Global Stage o tshwarelwang profenseng ya Free State.

White ke sebini sa moraorao sa ho etela Afrika Boroa selemong sena ha pejana dibini tse jwalo ka Kenny J le Summer Walker le bona ba ile ba etela Afrika Boroa.

Sebini sena sa pina ya “I’d rather be alone” o tla kena lethathameng la dibini tsa selehae le tsa matjhabatjha ho thabisa letshwele ka mmino ka wa maikutlo.

White o tla hlwa sethala le dibini tse jwalo ka Ntando, Shandesh, King Payo, Sipho Hotstix Mabuse, Vusi Nova, Lamiez Hotworthy, DJ Young, Ringo Madlingozi, Sinazo, le Donald.

Dibining tse tswang ka hare ho Lesotho teng, letshwele letla thabiswa ke dibini tse jwalo ka Sannere le Selimo Thabane.

Mokete ona, ke emeng ya mekete ya selemo ka hare ho profenseng ya Free State ya ho keteka boithabiso, mmino, botjhaba, dijo le ho hodisa dikgwebo tsa selehae.

White, o tla nka nako ka hara Afrika Boroa jwalo ka ha a tla etela dibaka tse ding moo a lo thabisa letshwele.

Mokete wa CUFA Global Stage o tla ba kajeno [11 Mphalane] Kings Park Rose Garden Att Horak Street, Willows, Bloemfontein mme diheke ditla bulwa ka 11:00 motsheare.

 

BALA HAPE: Summer Walker o kopa tshwarelo le ho hlalosa