
Cherry Jazz Festival e ke ke yaba teng selemong sena
Mokete wa selemo le selemo wa Cherry Jazz Festival o tswarelwang Ficksburg, o ke ke wa ba teng selemong sena.
Bahlophisi ba mokete ona ‘Bold Moves 198 PTY Ltd’ ba ntshitse molaetsa o hlalositse ha ba swabisitswe ke ho tswelle pele ha mokete o neng o lebeletswe ka mahlo a makgubedu ke barati ba mmino wa Jazz.
“Ke ka kutlo bohloko le tshwabo e kgolo ho tsibisa ha mokete wa Cherry Jazz Festival o ke ke wa ba teng selemong sena.”
Mokete ona o mathileng dilemo tse 16, o tsejwa ka ho hohela barati ba mmino, batshetedi le ho thusa ho phahamisa dikgwebo tsa selehae tsa Ficksburg le dibaka tse mabapi.
Ho ya ka bahlophisi, le leng la maka a ho hlakolwa selemong sena, ke taba ya ditjhelete tse sa kopaneng ho lokisa le ho etsa bonnete ba hore mokete o tswelapele ntle le mathata.
“Hodima boiteko bohle ba ho ntshetsa mokete pele, ditshehetso tsa ditjhelete ke le leng la mabaka a thibelang mokete ona.”
Le ha holo jwalo, bahlophisi ba tsibisitse le ho tshepisa ha selemong setlang mokete o tlaba teng le ho tsamaya ka hello jwalo ka tlwaelo.
“Re le mema ho tshwaya khalendara tsa lona bakeng sa 15 Phudungwane 2026 bakeng sa kopano ya rona hape.”
BALA HAPE:Â Lemo Fest e thakgoha semmuso
