
Nota Baloyi o itshunya ditabeng tsa Maphorisa le Thuli Phongolo
Motsamaisi wa kgwebo mminong (Music Executive) Nota Baloyi, o ditabeng hape ka mora ho qhokola DJ Maphorisa eo basa utlwaneng hantle le yena.
Baloyi o ngotse ho marangrang a ntsha maikutlo le ho tshwaela ka dikamano tsa Maphorisa le Thuli Phongolo.
Phongolo le Maphorisa ba bonahetse kgatisong ba dutse kaofela le ho etsa metlae mmoho e leng se phahamisitseng ditsebe tsa batho ba bangata.
Bobedi bona bo kile ba ba dikamanong tsa marato dilemong tse fitileng pele ho karohano ya bona ka 2023 moo Phongolo a ileng a hlahlella Maphorisa nyewe le hore kamano tsa bona difele ka tsela e seng monate.
Nota ya dulang a hulahulana le Maphorisa o ngotse ho X (formerly known Twitter) hore Maphorisa o lebala ka pelenyana.
“(Mfan’o ke bari). ngwanana o hlahlela nyewe kgahlano le wena,o orobatsa ntlwana tshwana mafelo a beke, o hlaha ka pela lekgotla, o fumana baile (bail) jwalo ka moqosuwa wa GBV, o mokopa ho qala nyewe, o kgutle hape ka ho phutla masalla,” ho realo Baloyi.
Maikutlo a Baloyi a kopane le ditshwaelo tse fapaneng ho tswa ho basebedisi ba X ha ba bang ba dumelane le yena ka hore Maphorisa o bapala ka kopa, empa ba bang ba hlalosa ho sena moo a lokeleng ho kena teng ditabeng tsa batho ba hole le yena.
BALA HAPE: Ntwa dipakeng tsa Nota le Dj Maphorisa e tswelapele
