
China e kenya molawana o bakang ditaba dihana ho fela
Naha ya China e phatlaladitse ha e tla kenya molawana o motjha tshebetsong o shebana le bo mmamoratwa ba marangrang (social media influencers).
Molawana ona o hlalosa ha basebedisi ba marangrang ba kgothaletsang bophelo bo itseng (influencers), batla lokela hoba le mangolo a itseng a dithuto tse phahameng ho ka kgothaletsa le ho tswaela.
Sena se hlalosa hore batho ba fanang ka dikeletso tsa bophelo bo botle, molao, bongaka le ditjhelete, e tla lokela hoba batho ba ithutetseng seo ba buang ka sona.
Qeto ena ya China, e tlisitse maikutlo a fapaneng jwalo ka ha ba bang ba batho ba bona e le kgatellong ho tokoloho ya puo le ho dumela batho ho fana ka dikeletso.
Le ha hole jwalo, qeto kapa molawana ona, o tla etsahala China mme maikutlo a batho haholo Ma’Afrika Boroa, a ke ke a fetola setla etsahalang naheng e nngwe.
China, hase naha ya pele ho kenya molawana o laolang taba ya di’influencer ka ha Spain le sona sena le melawana e laola sena, haholo ka nako eo molaetsa e fasahetseng e tletseng lefatshe.
BALA HAPE:Â Peachy Sprinkles o kopa tshwarelo le ho hlalosa
