
Lemo Fest e thakgoha semmuso
Mokete wa selemo le selemo wa boithabiso o tsejwang ka Lemo Fest, o thakgoha semmuso kajeno ka moketjana wa Yanos Hiphop.
Mokete o na o tshwarelwang ka hara toropong ya Bloemfontein (Heidedal), Free State, o tsejwa ka meketjana e fapaneng ka hara ona ya mmino le boithabiso ha mmoho le ho leka ho phahamisa moruo wa se lehae.
Lemo Fest, ke mokete o tswarelwang haufi le setsi sa mabekele sa Lemo Mall (Lemo Green Park) mme o tumme haholo le ka ho kopanya dibini tsa se lehae le tsa dibakeng tse ding.
Hara mabitso a maholo a lebelletswe selemong sena moketeng o qalang wa Yanos Hiphop ke Cassper Nyovest, Babalwa M, Karishma, Usimamane, le ba bang ba bangata.
Moketeng wa mmino wa sedumedi teng ho lebeletswe batho ba jwalo ka William Sejake, Joyous Celebration, Spirit of Praise le ba bang. Moketena o na ke wa sontaha sa la 5 Mphalane.
Athi ha e le moketeng wa Lovers and Friends, mahlo boholo a ho dibini tse jwalo ka Vusi Nova, Ntando, Bondo, Brandon Dhludhlu le ba bang. Moketjana ona ke wa ka la labohlano la 10 Mphalane.
Moketeng o ntseng o batla o tshwana le ona wa Afro Soul le Jazz, mahlo a tla sheba Mandisi Dyantyis, Judith Sephuma, Sjava, Mafikizolo, le ba bang. Ona mokete ke wa ka 11 Mphalane.
Mokete ona, ha o felle mona jwalo ka ha o na le meketjana e meng e tlabe e ntse e tswelapele ka Qoai Fashion Trade & Art Market.
BALA HAPE: Tebello ke e kgolo moketeng wa MACUFE
