Chymamusique o ntse a le ICU ka mora kotsi

Mohlahisi e bile e le seletsi (DJ) sa mmino wa House, AfroTech le Dance, Chymamusique o ntse a le karolong ya batho ba kulang haholo bookelong.

Chymamusique eo lebitso la hae la nnete e leng Collen Mmotla, o kene bookelong mafelo a beke ka mora ho ameha kotsing ya koloi e fitileng ka bophelo ba mosebetsi mmoho le yena Caven Masetla ya neng a tsejwa ka Poizen.

Bobedi bona bone bole tseleng batswa ho letsa le ho leba sebakeng se seng moo ba neng balo tswelapele ho letsa.

Chymamusique hae sale a kena ICU ho tloha a fihla bookelong mme le hana jwale o ditlaleho dikuma ha ntse a le ICU.

Sebini sena se seng se hapile dikgau ka mosebetsi mo motle wa ho hlahisa le ho lokisa dipina se sa tswa ho ntsha mosebetsi wa hae le Poizen o bitswang Musique Collaborated, Vol. 1.

Mohlophisi enwa wa mokete o moholo wa banna fela wa ‘Men’s Camp & Retreat‘ o ne a lebelletswe ho tshwara mokete ona wa hae wa selemo le selemo moo banna ba kopana le ho bua ka diphepetso tseo ba tobana le tsona bophelong.

Ka lebaka la ho ameha kotsi ha Chyma, mokete ona o emisitswe hang hang jwalo ka ha mahlo kaofela a shebile ka tshepo ho phaphama.

 

BALA HAPE: Scorpion Kings di tlotla mohale