
Dikgalala tsa Afrika Boroa dikgaba ka moaparo
Dikgalala tsa Afrika Boroa tse jwalo ka Bonang Matheba, Zozibini Tunzi ba kgaba ka moaparo moketeng wa ho kgakola papadi e tla bapala ho Netflix.
Bommamoratwa bana ba tsejwang ka ho kgaba ka botle, e bile karolo ya batho ba bileng teng ho moketeng wa Bridgerton season 4 premiere e bileng Cape Town mafelo a beke.
Dikgalala tse fapaneng tsa thelebishene, e bile karolo ya mokete ona oo boholo ba batho baneng ba jele lesela ho ona.
Mokete ona, o ne e kgobokantse batho ba fapaneng ka hara sedikadikwe sa boithabiso ho tswa dinaheng tse fapaneng e le ho keteka diphohlello le ho bontsha bokgoni ba Afrika Boroa mafatsheng.
Pale ena ya Bridgerton, ke pale ya lerato e phethang le ho bontsha diketsahalo tse fapaneng tsa maikutlo, ho iphumana bophelo le tse ding.
Mokete ona e ne e le wa pele wa mofuta ona kontinenteng ya Afrika mme dikgalala tse ding tse bileng teng ke tse jwalo ka Masali Baduza, Emma Naomi le Martins Imhangbe bao e leng dibapadi paleng ena.
Kgaolo ya pele ya karolo ya bone e tla qala ho bapatswa Kala 29 Pherekgong pele dikgaolo tse ding dika latela kgweding e latelang ya Hlakola.
BALA HAPE:Â Â Makhadzi o makatsa batho ka sefahleho sa pina ya hae
