Telenovela ya Scandal e tla fihla pheletsong 

Pale (telenovela) ya mmamoratwa kwano Afrika Boroa ya Scandal e tla fihla pheletsong selemo setlang ka mora ho matha dilemo tse fetang 20.

Ho tsibisitswe ha pale ena e bapalang ka ho E.tv e le dikgwedi tsa ho qetela e bapatswa mme barati ba yona ba lokela ho natefelwa ke metsotso ya ho qetela.

E.tv, e hlalositse ha qeto ya ho fihlisa pale ena pheletsong e le itshitlehile ho fetoheng ha diketsahalo tse ipapisitseng le thelevishene (television landscape).

“Re dumela ha Scandal se fihleletse sehlohlo sa molaetsa wa pale ya bona,” ke E.tv eo.

Kanale ena e lebohile Ochre Moving Pictures e leng bona bahlahisi ba pale ena bao e sale ba e hlahisa nakong e fetang ya dilemo tse 20 kaofela.

E mong wa bahlahisi ho Ochre Moving Pictures Stan Joseph, o hlalositse ha e bile tlotla ho ba karolo ya bohlahisi (executive producer) paleng ya Scandal.

“Ho hlahisa Scandal e bile leeto, dilemo tse 20 bangodi, bahlophisi, dibapadi le bohle ba bontshitse lerato le ho fana ka pelo tsa bona paleng ena. Ha ho bonolo ho sadisa hantle empa re motlotlo ka lefa leo re le siyang,” ho realo Joseph.

Qeto ena e tlileng e sa lebelwa e sile barati le balatedi ba pale ena ba maketse le ho ipotsa dipotso. Le ha se fihla pheletsong, Scandal se tla bapala hofihlela karolo ya bobedi ya selemo setlang mme balatedi batla tswelapele ho natefelwa ke sona ha jwale.

Scandal, ke pale ya bobedi ya kgale ya ho fihla pheletsong ka mora hore Muvhango le ona o fihle pheletsong hona selemong sena.

 

BALA HAPE: Muvhango o fihla pheletsong