Ditata tsa Akhonamathemba Mbele

 

Akhonamathemba Mbele ya tsebahalang ka Sweet Guluva ke yena mohlodi wa Big Brother ya hapileng di milione tse pedi.

Lenaneo lena la big Brther le qadile ka la 21 January mme e ene e na le dibapadi tse 20 ka hare, ya le mong fela o ne a tlameha ho hapa di milione tse pedi.

Re lebohisa Sweet Guluva re tlholo ya hae lenaneong la bohlano la big Brother Mzansi.

Sweet Guluva ke Moshenyana ya dilemo di 23 eo eleng Moithuti, sebapadi sa Bolo mme le motho ya kutang di hloho ya tswang Cape town.

Sweet Guluva o ne a ratwa haholo ke ba bohedi ba Big Brother mme o ne ana le tshehetso e kgolo haholo hotswa ho batho ba tummeng jwalo ka Dj Zinhle ha mmoho le sebohodi sa Ukhozi FM eleng Lady D’khoza.

Sweet Guluva ene ele motho ya ikemiseditseng, ya nangle boiqapelo, mme ka lebaka la tseo kaofela o ile a kgona ho hlola papading ena.

Ehlile ena papadi ene ele papadi e thata haholo hobane bababng ba tswanang le Jojo, Nate, Nsuku le Uyanda ba entse ba hohle hore le bona ba dule papading ena.

Emong le emong o lekile ho ntsha matla le bokgoni ho etsa hore papadi ena ebe e sa lebalweng ebile e thata haholo.

Lebitso la Sweet Guluva ene ele lona fela ho marangrang, mme balatedi ba hae ba etsa bonnete hore o ya voutelwa.

Translator: Molapo Karabelo.