
Ho emiswa ha Sol mosebetsi ho baka ditaba
Ho behelwa ka thoko hang-hang mosebetsing ha sebohodi sa seyalemoya sa Kaya 959 Sol Phenduka, ho tswelapele ho ba melomong ya batho.
Qeto ena ya ho behella Sol Phenduka ka thoko mosebetsing ka seo a reng se amana le nyewe ya Minnie Dlamini, e tswelapele ho arola maikutlo a batho ba latelang Kaya le Sol.
E mong wa bamamedi ba sena seyalemoya o letseditse moyeng le ho tsibisa ha jwalo ka bamamedi ba tla tlohela ho mamela seyalemoya le lenaneo ebang Sol a ka nyaolwa mosebetsing ka ha bona ba mamela ka lebaka la hae.
“Ha ba tlosa Sol moyeng ka taba ya Minnie, re kwala diyalemoya. Hase hampe Sizwe.”
Sebohodi se neng sele moyeng a bile a sebetsa mmoho le Sol, Sizwe Dlomo o arabetse ka bobe le ho imamela mantsweng a momamedi.
“Ho lokile weso. Ha hona mathata ho hang.”
Ba bang ba bamamedi batshositse ka hore batla mamela diyalemoya tse ding ha fela a ka tsamaya.
Taba ena e fihlile le leqhepheng la X moo batho ba tshwetseng pele ho bua ka yona le ho bapisa lenaneo la hoseng le etswang ke DJ Sbu ho Radio 2000 hore batla qala ho mamela lona.
“Lenaneo la Dj Sbu ha le lebe. Ke nako ya ho tsamaya.”
Ha jwale ho sa emetswe ho utlwa qeto e nkuweng ke botsamaisi ba Kaya ka bokamoso ba Sol jwalo ka sebohodi sa bona.
BALA HAPE:Â Kaya 959 e behela Sol Phenduka ka thoko
