
Peachy Sprinkles o kopa tshwarelo le ho hlalosa
Siyamthanda Anita ya tsejwang ka lebitso la Peachy Sprinkles o kopa tshwarelo ho ma’Afrika ka mora ho seholwa ka matla ke batho ka kgothaletso eo e leng karolo ya yona.
Anita ke emong wa ditho tse tummeng tse neng dikgothaletsa batjha ba banana ho latela ‘Alabuga’ bakeng sa mesebetsi mafatsheng a kantle.
Ditlaleho di kuma ha dikgothaletso tsena di amana le setheo se hwebang ka batho mme bagho bana ba tummeng (influencers) ba ne ba sebediswa ho ka hohela batjha ho wela lerabeng.
Anita o kopile tshwarelo leqhepheng la hae la TikTok moo a hlalositseng ha a ne a sa tsebe ha batsi mme phoso ya hae e bile ho sa batlisisi ka setheo seo.
“Nnete ke hore qalehong o etsa diphuputso. Ha keya fuputsa ho keneletseng, e leng phoso eo ke e entseng. Ke kopa tshwarelo ka seo.”
“Ke ne ke leka ho tlisa phetoho ho ma’Afrika Boroa le nna le ho bona e bang haho batho banang le thahasello. Ho na le thuto eo re ka ithutang yona mme le nna ke ithutile yaka. Ke kopa tshwarelo. Ke maswabi haholo.”
Ka mora ditsheholo tsena, Anita o tlositse dikgatiso tsohle tse amanang le Alabuga maqhepeng a hae a marangrang.
Ba bang ba ditho tse tummeng tseo e leng karolo ya sena ke Ghost Hlubi, Seemah, le Zillewizzy bao le bona banang le dikgatiso bale Russia.
Lefapha la dikamano le lona le tshepisitse ha letla etsa diphuputso tse keneletseng ho leka ho fumana dintlha tse felletseng ka tsena tsohle.
BALA HAPE:Â Ho emiswa ha Sol mosebetsi ho baka ditaba
