
Thuli Phongolo o fana ka dikeletso tsa bohlweki
Sebapadi sa thelevishene e bile e le seletsi (DJ) Thuli Phongolo, o fanne ka dikeletso tsa bohlweki ho bontate.
Thuli P jwalo ka ha a tsejwa, o ngotse leqhepheng la hae la Instagram moo a ne a ntsha maikutlo (vent) le ho fana ka keletso ho batho ba bontate.
Thuli o hlalositse ha a batla ho qala kgwebo kapa leqhephe leo ho lona a tla fana ka diketso tsa bohlweki.
Phongolo o botshitse ha e le hobaneng motho a tlaba moholo empa a hloko bohlweki.
“Ke hobaneng ha motho a kaba le tsohle, marangrang, Goggle, leloko, metswalle le tsohle, empa a hloke bohlweki, e leng ntho e bapallang karolo e kgolo le ho tlisa boitshepo,” ho realo Thuli.
Thuli o botsitse ha hobaneng motho a ja koto ho tloha leotong ho ya tswa hloohong empa a lebale ntho ya bohloko jwalo ka eo.
Ha a phethela, Thuli o fanne ka lenane la dintho tseo motho a lokelang ho dietsa e le ho dula a hlwekile.
“Qala tsela ya bohlweki, kopana le ngaka, ikwetlise, ja dijo tse ahang, hlapa o be o bale. Hoba le tjhelete haho hlalose hore o se etse dintho tse.”
Thuli o phethetse ka hore basadi ke bona ba mofileng ditletlebo tseo jwale ka ha ele phepetso eo ba kopanang le yona.
Ba bang ba basebedisi ba marangrang, haba fapanya mantswe le molomo ho hlalosa ha Thuli a lebisa molaetsa wa hae ho emong wa batho bao a kileng a utlwana le yena.
BALA HAPE: Makhadzi le Open Mic ba tswelapele ho qhwebeshana
