Selaelo Selota o kata Ringo Madlingozi ka maqwetha

Sebini sa mmino wa Jazz Selaelo Selota o ntshitshe sehlopha sa maqwetha kgahlano le Ringo Madlingozi ka tjhelete eo a reng o mokolota yona.

Selota le sehlopha sa hae ba hlalosa ha Madlingozi a sa fihla ho emeng ya mekete eo a neng a lokela ho fihla ho ona le ha tjhelete e ne e se e lefshowe.

Madlingozi o ne a lokela holo bina ho mokete o hlophisitswe ke Selota le Thikho Events Management moo a batlileng R180 000 mme a lefshwa R90 000 e le ho beheletsa (deposit).

Karolo e nngwe ya tjhelete ena e ne e tla lefshwa hang ha Madlingozi a hlweletse sethala mokete Meropa Casino profenseng Limpopo e le mokete wa ho keteka dilemo tse 25 Selota a le sedikadikweng sa mmino.

Mmueli wa Selota, Sibusiso Ketwa, o hlalositse ha ba lekile ka makgetlo ho fumana tjhelete ya bona ho Madlingozi ntle le ke katleho.

“Ka mora diteko tsohle ho tswa ho Selota, Thikho Events e fanne ka tharollo e bobebe. Selota o fanne le ka bopaki. Selota o buile le Madlingozi ka bo yena ho utlwisisa,” ho realo Ketwa.

Madlingozi ha a so fane ka lehlakore la hae la ditaba phareleng ena ntle le tlhalosa ya hae ho Selota mohaleng ya hore tjhelete e ho Thikho Events.

 

BALA HAPE: Kelvin Momo o kopa tshwarelo