Glen Gabela o na le mathata a ditjhelete

Sebapadi sa mehleng sa Uzalo, Glen Gabela o bua ka mathata ao a fetang ho ona. Sebapadi sena seneng se tsejwa ka ‘moruti Mdletshe’ ho Uzalo o na le mathata a ditjhelete.

Glen Gabela o se a bapetse dikarolo tse ngata ho ho tloha dilemong tsa bo 1980. Hara tse ding re ka qolla moo e neng e le Shaka Zulu ya monyenyane, karolo ya hae ho Yizo Yizo le moo a bapatseng jwalo ka moruti, Uzalo.

Gabela o re bophelo bothata ka mora ho sebe karolo ya Uzalo ho tloha ka 2018. Gabela o re hothata ho fumana mosebetsi o mong wa mme ntho e thata haholo ke ho kopa thusa.

“Ke batla ho phela bophelo jwalo ka mang le mang,” ho realo Gabela.

Mathata a Gabela a kentse ntho tse jwalo ka koloi ya hae le ntlo eo a dulang ho yona tsietsing hobane dihloka ho lefelwa.

Bophelo ba Gabela le bona bo amehile ha hampe ke tsana kaofela hobane o kena a tswa kokelong moo dingata di mohlaloseditseng ha e le kgatello ya maikutlo e bakang mathata.

Gabela hase sebapadi sa pele sa di’soupie ho hlahella sena le mathata a ditjhelete. Dibapadi tsa jwalo ka Nandi Nyembe, Carlo Radebe,Vusi Thanda le ba bang.

Bothata bona, bo bonahala e le kobo-anela hobane le dibapadi tsa mose ho mawatle tse jwalo ka ‘Djimon Hounsou’ dihlaheletse le ho hlalosa dina le matha a ditjhelete.

 

BALA HAPE: Muvhango o fihla pheletsong