Ndara o tswelapele ho bua ka mathata a sedikadikweng sa boithabiso

Mokaubere wa dipapadi tsa thelevishene Afrika Boroa Vatiswa Ndara, o tswelapele ho bua ka mmomori wa ho motlosa matlong le dithelevishene tsa batho.

Sebapadi sena senang le boiphuhlelo ba dilemo se le sedikadikweng sa boithabiso, se hlalositse ha ho lekwa ho hlakola lebitso la hae sedikadikweng (blacklisting).

Ndara o hlalositse ha bopaki bo tshwarehang bo le siyo empa dipuo le diketso tseo a kopana le tsona, dihlalosa ka botebo hore mosi o fokela kae.

Ndara o hlalositse hae mong wa bahlahisi ba engwe ya dikanale tsa ditshwantshiso ba ile ba mojwetsa hore kanale e ke ke ya mofa mosebetsi e leng se thathiseletsa taba ya ho tlodiswa mahlo.

Sebapadi sena sa mehleng sa dipale tse jwalo ka Generations, Muvhango le tse ding, ke sebapadi sa tse mmalwa tse kenyeletsang Florence Masebe le Tony Kgoroge tsa ho bua ka dintho tse etsahalang ka hare sedikadikweng sa dipale ntle le ho pata letho.

Ha jwale Ndara, o na le buka (Unfiltered 2) eo a e ngotseng e buang ka tse ding tsa diketsahalo tseo a diboneng dilemo tseo a di sebedisitseng ka hara sedikadikweng sena.

Ba bang ba batshehetse ba Ndara, ba mokgothaleditse ho hatisa mesebetsi ya hae le ho sebedisa YouTube jwalo ka ha ba dumela a na le neo e matla.

 

BALA HAPE:Muvhango o fihla pheletsong