
Hungani Ndlovu o kgakola mokgatlo o thusang banna
Sebapadi sa pale ya Skeem Saam thelevisheneng Hungani Ndlovu, o phatlalatsa ho kgakolwa ha mokgatlo o tla thusa banna ka mathata a bona.
Ndlovu ya bapalang karolo ya Thabo Maputla ho Skeem Saam, o phatlaladitse ha a tla kgakola mokgatlo “HUNGANI NDLOVU FOUNDATION” e le thusa banna ka mathata a jwalo ka kgatello ya maikutlo (depression), menaho ya ho ipolaya (suicidal thoughts) le tse ding.
Sebapadi sena sa mehleng sa Scandal se tswa ho arohana le mofumahadi wa sona Stephanie, eo ba bileng le dilemo tse tsheletseng ba nyalane.
Ndlovu o hlalositse ha mokgatlo ona o tla fa bana ba bashanyana le banna monyetla wa ho bua ka mathata a bona le ho fola.
“Karolo e ntjha ya qala. HUNGANI NDLOVU FOUNDATION e teng! O na ke mokgatlo o tlo thusa banna. Lepetjo la rona hase lepetjo fela, re tlosa sekgobo, re etsetsa banna sebaka sa thuso hore ba fole le ho hola,” ho realo Ndlovu.
Ndlovu o matha mehlaleng ya qhoku sedikadikweng sa mmino Mbuzo Khoza ya satswa kgakola mokgatlo o tshwanang le ona. Sepheo e le ho fa banna le bahlankana monyetla le sebaka se bolokehileng sa ho bua.
Ha jwale Ndlovu, o bapala karolo ya Tbose ya nyalaneng le Mapitsi mme bana le mathata lenyalong la bona.
BALA HAPE:Â Tshepo Moses o tla bapalla Terama ya Skeem Saam
