
Mokete wa Scorpion Kings o babatswa botle
Mokete wa pele wa mofuta wa ona wa mmino wa Amapiano, o babatswa botle ka mora hore tsohle di tsamaye ka thello lebaleng la Loftus Versfeld, Pretoria.
Mokete o na o neng o hlophisitswe ke Kabza de Small le Dj Maphorisa ba ipitsang Scorpion Kings, o hapile dipelo tsa ma’Afrika Boroa le ma’Afrika ka bophara ka boholo le botle.
Dikgalala tse jwalo ka Davido wa Nigeria, Cassper Nyovest, Ami Faku, Oskido, Uhuru le ba bang ba bangata ba nkile karolo ho thabisa letshwele le ho bontsha tshehetso ho Scorpion Kings.
Scorpion Kings, ba sebedisitse mokete wa bona ho tlotlole le ho ananela qhoku ya mmino Caiphus Semenya ka kabelo ya hae mminong wa Afrika Boroa dilemong tse fitileng.
Letona la Dipapadi le bonono, Gayton McKenzie o lebohisitse dibine tsena ka phihlello ya bona sedikadikweng sa mmino.
“Mokete o moholo ka ho fitisisa wa Amapiano lefatsheng. Mosebetsi o motle ho bahlophisi. Diteboho bo bohle ba kentseng letsoho haholoholo betway le betwaycares ka nyehelo ya bona,” ho realo McKenzie.
Dibini tse jwalo ka Black Coffee, Major League DJZ, ba ngotse maqhepeng a bona a marangrang ba theoletsa mosebetsi o motle o entsweng ke kgalala tsena.
Black Coffee o ngotse “Nalane e entswe. Mosebetse o motle banna.”
Major League DJZ ba ngotse “mosebetsi o motle, re ya leboha ka ho fetola maphelo a rona.”
BALA HAPE:Â Scorpion Kings di tlotla mohale
