
Kaya 959 e behela Sol Phenduka ka thoko
Sebohodi sa seyalemoya sa Kaya 959, Solomzi Thandubuntu Phenduka ya tsebahalang ka Sol Phenduka, o beheletswe ka thoko nakwana mosebetsi ha ho ntse ho etsa diphuputso tse keneletseng.
Seyalemoya sena se ntshitse tsibiso ena motshehetsa le ho hlalosa ha Phenduka a beheletswe ka thoko ka ho panya ha leihlo.
“Re batla ho nnetefaletsa basebetsi bohle hore taba ena e sebetswa ka kelohloko. Ha jwale ha ho letho leo reka le buang empa retla tsibisa ha nako e ntse e tsamaya. Re leboha kutlwisiso le tshebedisano mmoho ya lona.”
Ka 2022, Phenduka e bile karolo ya seyalemoya seo sa Kaya 959 le Dineo Ranaka ha pele a kele a sebetsa ho YFM le Metro FM.
Hona selemong seo, Phenduka o ile a hlaela ditabeng le seyalemoya sa hae moo ho neng ho utlwahala ho sena tshebedisano mmoho pakeng tsa hae le mosebetsi mmoho wa ka nako eo, Dineo Ranaka.
Kaya 959 e ile ya ntsha molaetsa o hlalosang tshebetso ya Phenduka lenaneong le ho qhelela menyenyetsi ya ho se utlwane ka thoko.
Ha jwale tebello ke ho utlwa hore lebaka la ho behelwa ha setho sena sa Phenduka Podcast and Chill ka thoko ke lefe.
BALA HAPE:Â Ba2cada o phatlalatsa lenaneo la Top 20 Countdown
