
RTMC e nyatsa ketso tsa sebohodi sa Jozi FM
Mokgatlo wa ditsela ka hara Afrika Boroa The Road Traffic Management Corporation (RTMC) e nyatsitse ka bohale ketso ya sebohodi sa Jozi FM Penny Ntuli ka mora hore a bonwe a tantsa ka hara tsela.
Ntuli le motswalle wa hae, ba hlaheletse kgatisong ya marangrang moo baleng ka thoko ho tsela e bonahalang e phethesele ba tjeka, le ho kena ka hara tsela ha dikoloi diqeta ho feta.
RTMC e nyatsitse sena le ho hlalosa ha e le ketso e sa dumelwang e bile e lahlehisa setjhaba le ho romela molaetsa o fapaneng bathong.
Kgatiso ena e bonahetseng e matha ka lebelo, e kopane le maikutlo a fapaneng moo boholo ba batho ba seholotseng Ntuli ka hore a ka baka kotsi mmileng le ho kenya maphelo a bakgani kotsi.
Ntuli o ntshitse maikutlo le ho hlalosa ha a dumela hore sebaka le nako eo a nkileng kgatiso ka yona e katswa e le tse fosahetseng empa molaetsa wa hae o fapane le oo batho ba dumelang ha e le sesosa sa kgatiso.
“Ke utlwisisa lehlakore le leng la batho hore bane ba tshohetse bophelo ba ka empa ke entse kgatiso ka maikemisetso a ho fitisa molaetsa wa hore batho re phele hobane bophelo botla hang.”
Ntuli o kopile tshwarelo le ho hlalosa ha a ne a sa sa ikemiseditse letho le lebe mme o kopa tshwarelo ho bakganni ba diloro ka ketso ya hae.
BALA HAPE: Phumeza o hlahlela lengolo la tlhalo
