
ICASA e fihlella tumellano le bafani ba ditshebeletso ka thekiso ya data
Setheo sa marangrang le dipuisano Afrika Boroa (Independent Communications Authority of South Africa), se fihleletse ditumellano le bafani ba ditshebeletso tsa moya (Network providers) ka dipehelo tse ntjha.
ICASA, e tseketse hore ditheko tsa data bakeng sa bareki dibebofatswe bakeng sa bareki papisong le dipehelo tse sebetsang ha jwale.
Data, e fellwa ke nako ka mora matsatsi ho latela dipehelo le diphihlello tsa bafani ba ditshebeletso le ha e sa sebetsa kaofela.
Ketso ena e ne e tlisa le ho bakela bareki mathata a ho lokela ho reka data le ha basa sebedisa eo baerekileng sethathong kaofela.
Melawana e metjha (rollover), e hlalosa ha Data e tla fellwa ke nako ho latela nako ya ditumellano tsa raditshebetse empa data e setseng, e tla fetela kgweding e latelang bakeng sa ho ka sebetsa hape hang ha moreki a reka mofuta o tshwanang wa data.
Le ha hole jwalo, data ya hora, letsatsi le matsatsi a 7 hoya fatshe, e ke ke yaba karolo ya ditumellano tsena tse fihleletsweng.
Dipehelo tse ntjha ditla qala ho kena tshebetsong selemo se tlang ka kgwedi ya Pherekgong e le hofa bafani ba ditshebeletso nako ya ho itukisetsa diphetoho tse ntjha.
BALA HAPE:Â Dikgalala tsa Afrika Boroa dikgaba ka moaparo
