
Papadi ya Mantsopa ke karolo ya MACUFE
Pale e phethang bophelo ba Moporofeta le senowe sa mosotho Nkgono Makhetha Mantsopa, etlaba karolo ya mokete wa selemo le selemo wa Mangaung African Cultural Festival (MACUFE).
Pale ena e ngotsweng ke sebapadi sa ditshwantsho le kalaneng Jerry Mofokeng Wa Makhetha, e phetha tsa bophelo ba Mantsopa le ho bontsha ka moo bophelo bo ne bole ka teng nakong e fitileng.
Puisanong le Free State World, Makhetha o hlalositse ha hole bohlokwa ho pheta pale ena eo le leng karolo ya nalane ya basotho le ma’Afrika ka bophara.
Mokete ona o kenyeletseng, mmuno, motjeko, dithothokiso le mekgabo ya basotho, o tla bapala kala 4 le la 5 Lwetse Andre Huegenot, PACOFS.
Makhetha o hlalositse ha batho batla bao e tlaba karolo ya papadi ena, batla tswa ba fetohile le ho tseba ha batsi ka Mantsopa.
“Ke lebelletse Basotho ho tsamaya bale motlotlo ka mora ho boha papadi. Mantsopa ha se papadi fela, ke mokete o ketekang bophelo ba mohale.”
Mohapi enwa wa dikgau dipapading tsa kalaneng le bongoding, o memme batho botle bo tla inwesa ka nkgo le ho lo ithuta nalane.
“Ha o tsebe o tla fetwana keng ha o ka sebe karolo ya papadi Andre Huegenot theatre. Batho batlabe ba didietsa, ba bina le ho tjeka. Batho ba natefelwa le ho ikotla sefuba.”
Papadi ena e tla bapala ka la 4 le la 5 Lwetse PACOFS (Andre Huegenot), ho tloha ka 14:00 ho fihla ka 20:00 bosiu.
BALA HAPE:Â Tebello ke e kgolo moketeng wa MACUFE
