Monna wa sethepu Mseleku o tshwaela qetong ya lekgotla

Monna ya tummeng le ho tsebahalang ka sethepu Musa Mseleku, o ntshitse maikutlo a hae ka mora hore lekgotla le phahameng le nke qeto e sileng batho ba bangata ba makeketse.

Lekgotla lena le entse qeto ya hore banna le bona ba se ba ka nka fane tsa basadi ba bona ka nako ya lenyalo le ho hlalosa ha molawana wa pele wa hore mosadi a nke fane ya monna e ne e le wa kgatello o hatellang basadi.

Mseleku ya nyetseng basadi ba bahlano (five wives) o ntshitse maikutlo a hae le ho hlalosa ha sena e le qeto ya bowatla e tlo lahlehisa setjhaba, haholo banna.

“Qeto ena e ka tlisa kotsi ho banna, ho ba lobokanya le ho ba lahlehisa,” ho realo Mseleku.

Mseleku o re qeto ena y lekgotla e itshetlehile tumelong tsa makgowa le merabe e phela mose ho mawatle (European) mme e nyenyefatsa ditumelo le ditlwaelo tsa batho ba batho le ma’Afrika ka kakaretso.

“Qeto ya hore monna a nke fane ya mosadi e itshetlehile bophelo ba Europe [Eurocentric] le setsong sa makgowa. Ke qeto e nyenyefatsang meya ya meetlo e fapaneng.”

Mseleku o kene palong ya batho ba tsebahalang ba jwalo ka Thau Thau Haramanubi ba nyatsang qeto ena ka hore e tlo fetola sebopeho sa meetlo, setso le lenyalo ka kakaretso.

 

BALA HAPE: Izingane Ze’sthembu e ya kgutla