Dibapadi tsa Isibaya dibatla sekgeshana le tsona

Ka mora hore ho utlwahale ha Mzansi Magic e tla phetha pale ya Isibaya kanaleng ya bona ho keteka dilemo tse leshome le metso e mehlano (15) tsa tshebetso, dibapadi le tsona ditseka ho lefshwa

Dibapadi tsa mehleng tsa pale kapa tshwantshiso (telenovela) ena, dibatla ho lefshwa moputsonyana o itseng jwalo ka ha difahleho tsa bona ditlabe dikgutlela dithelevishene tsa ma’Afrika.

Isibaya, e tla phethwa ho tloha ka montaha wa la 22 Lwetse ho keteka Mzansi Magic mme sena se bonahala se tsosa diletseng.

Phil Mphela eo e leng Entertainment News commentator o hlalositse ha ho phethwa ha dipale ke dikanale e le ntho e fosahetseng e bang ho sena meputso e lefshwa ho dibapadi tse patswang paleng tseo.

“Bothata bona bo tibile ho feta taba ya hore ke ho phethwa ha dipale fela.”

“Ntho ena e ka mmuso wa Afrika Boroa ho se sereletse sedikadikweng sa rona. Batlo lefishwa lekgetho jwalo ka batho bantseng ba le lefa,” ho realo Mphela.

Mphela o hlalositse ha sedikadikweng sa bona se kgeswa le ho se tshwarwe jwalo ka tse ding.

“Ke hobaneng mmuso o sa fe sedikadikweng sa rona melao ya tshireletso jwalo ka didikadikweng tse ding? Ke hobane ha bothata ba mofuta ona bo hlaha?”

Ha jwale haho so utlwahale lehlakore la Mzansi Magic hore baikarebela ka horeng ho tsena kaofela.

Pale ya Isibaya e tla tswelapele ho phethwa jwalo ka ha ho rerilwe ka montaha kanaleng ya Mzansi Magic ka 18:30 thapama.

 

BALA HAPE: Isibaya e kgutla ho keteka Mzansi Magic