
Makhadzi le Open Mic ba tswelapele ho qhwebeshana
Sebini sa Limpopo se tsebahalang ka metjeko le mahlahahlaha sethaleng Makhadzi, o tswelapele ho lwana le bao a neng a sebetsa le bona pele e leng Open Mic.
Makhadzi o tlalela ha Open Mic e mokolota tjhelete ya dipina tseo a di entseng ka nako eo a neng a sebetsa le bona (royalties) le ha Open Mic e latola sena.
Open Mic e hlalositse ha ditjhelete tsohle tseo Makhadzi a re ba mokolota tsona, ba dilefile ho setheo se Mokima Music & Publishing tse neng di sebetsa le Nazwo Digital eo e tlalehileng ha e emela Makhadzi.
“Ditjhelete tsohle di patetswe ho Nazwo Digital ho latela ditumelano,” ho realo Open Mic.
Makhadzi hase yena fela sebini senang le mathata le Open Mic jwalo ka ha Noncebo Zikode le yena a na le mathata a ditjhelete le setheo sena ba bile bale kgotla ka taba ena.
Moemedi wa Makhadzi wa jwale Maphuti Mathatho o re taba ena e lokela ho lekolwa ka kelohloko hobane e ka ama hampe Alebamo (album) eo sebini sena se sebetsanang le ho e ntsha haufinyana.
Qhwebeshano tsena ditla ka nako eo Makhadzi a itukisetsang mokete o moholo wa hae wa One Woman Show ‘Womandla’ motseng oo a tswallwang ho ona. Mona Makhadzi o tsibisitse ha dibini tse tsohle tse tlaba teng e tla tsa basadi.
Makhadzi o tla ntsha Alebamo ya hae ka la 22 Lwetse eo lebitso la yona e leng Mbofhowo (#MBOFLOWO).
BALA HAPE:Â Makhadzi o bua ka ho otla ha hae
