
Emtee o ntsha maikutlo tabeng ya Mshini
Sebini sa mmino wa “Rap” Mthembeni ‘Emtee‘ Ndevu, o ngotse molaetsa o hana ha a kile a kopana le sebapadi sa mehleng sa Big Brother Mzansi, Mshini Lekwadu.
Matsatsi a fitileng, ho ile ha hlahella melaetsa moo Emtee le Mshini ba neng ba re ra ho kopana le ha bobedi bo latola hore ba kile ba kopana.
Mshini, o ile a ngola molaetsa moo a neng a dumela hore ke molatedi wa mmino wa Emtee ebile ke nnete hore o kile a leka ho kopana le Emtee le ha e sa etsahala.
Moaetseng wa hae, Mshini o hlalotsa ha a ne a bua le Emtee jwalo ka molatedi le bakeng sa tshebedisano mminong.
“Maikemisetso a ka e ne e le a mosebetsi, jwalo ka ha ke nkela mosebetsi wa ka le seriti sa ka hodimo,” ho realo Mshini.
“Melaetsa e phatlaladitsweng ya lahlehisa hobane e hlahisa karolo eo ke neng ke fana ka moo ke dulang.”
Sebapadi sena sa Big Brother se hlaheletse e le emong wa batho ba ntse ba bua le Emtee ka mohala.
Dipuisano tsena tsa mohala, di bile pepeneneng ka mora hore mofumahadi wa Emtee a behe dipuisano tsena ho X e neng e tsejwa jwalo ka Twitter.
Emtee, o hlalositse ha a so kopane le Mshini empa a tseba hore ke motho ya ratang mmino wa hae.
“Maikemisetso e ne e le ho kopana le yena ke molebohe. O botshitse tshehetse ho nna mme ke lebohela seo,” ho realo Emtee.
“Ke nyetse, jwale maikemisetso e ne e le ho leboha le ho bona ebang re ka se sebetse moo ho ya pele.”
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE:Â Shauwn Mkhize o laelwa ho lefa R27 million
