Kaylow o ntse a hlaphohelwa hantle

Sebini sa mmmino a maikutlo le House, Kaylow, o ntse a hlaphohela hantle bookelong ka mora ho ameha kotsing ya koloi.

Kaylow, o bile kotsing e nngwe hape ya koloi nakong ya selemo mme o ngotse ho marangrang hore o ntse a tla hantle.

“Ha jwale ke bookelong mme ntse ketla hantle,” ho realo Kaylow.

Le ha se ile sa ameha kotsing ya koloi, sebini sena hasa phetsa ho etsa mmino le hoba karolo ya mekete le ha a ne a hloka ho tshehetswa kapa a bine a dutse.

Ka mora kotsi ya pele Kaylow, o ntshitse pina tse jwalo ka ‘Good Morning le Respect’ tse jereng molaetsa o matla.

‘Mr Soul Cafe’ o lebohile bohle ba bontshitse tshehetso ho yena ka mora kotsi le ho mongolla melatsa ho marangrang.

“Ke lebohela tshehetso le takaletso ya pholo ho bohle le batshehetsi ba ka.”

Kaylow ke sebini sa moraorao sa ho ameha kotsing ya koloi ka mora hore Chymamusique le motswalle wa hae Poizen ba amehe kotsing mme Poizen a lahlehelwa ke bophelo.

 

BALA HAPE: Kaylow o ameha kotsing ya koloi hape