Ba2cada o phatlalatsa lenaneo la Top 20 Countdown

Sebohodi sa Lesedi FM sa lenaneo la hoseng, Nyakallo ‘Ba2cada‘ Leine, o phatlaladitse ha a tla hatisa kgatiso ya pele ya dipina tse 20 tse ratwang tsa selehae ‘Top 20 Local Hits Countdown’.

Ba2cada o kile a etsa lenaneo la (Tse Ratwang) ka moqebelo moo ho neng ho letswa dipina tse 30 tse ratwang tsa kwano lapeng.

Ba2cada o entse lenaneo lena dilemo mme a hapa dipelo tsa ma’Afrika Boroa a mangata ka tsela eo a neng a etsa lenaneo ka yona le melaetsa ya hae ya kgothatso batjheng le ho fana ka tshepo ho ba e lahlileng.

Sebohodi sena senang le boiphuhlelo le dilemo kgasong, se tsibisitse ha se ke ke sa fetola tsela eo se neng se etsa lenaneo leo ho ka yona ho Lesedi FM.

“Ha ke tlo fetola letho, ketlo sebedisa mokgwa oo ke neng ke etsa ‘Top 30‘ ka ona. Ke tla e hatile le ho e maneha ho YouTube beke le beke,” ho realo Ba2cada.

Ho tloha ha Ba2cada lenaneong leo ka moqebelo, ho ile ha siya batho ba bangata ba neng ba rata melaetsa ya hae ka pelo tse bohloko empa monyetla o teng wa ho utlwa seo hape.

Ba2cada o hlalositse ha a tla etsa kgatiso ya pele le ho e maneha ho YouTube ka moqebelo wa la 30 Phato.

 

BALA HAPE: Scorpion Kings di tlotla mohale