Pabi Moloi o latola menyenyetsi ya ho hlokahala

Sebohodi sa mehleng sa PowerFM Pabi Moloi, o entse kgathiso moo a bontsha ho makalla melaetsa e ntseng e matha ho marangrang ya hore o hlokahetse.

Moloi, o entse kgatiso ka montaha wa la 20 Mphalane a le ka koloing ya hae a maketse le yena hore taba tsa ho hlokahala ha hae ditswa kae.

Sebohodi sena se hlalosa hore se nahaneng hore meleko e fedile ha a kennelwa ka mmele wa hae (body shaming) athi dikgolo ditseleng.

“Dintho di etsahetse ho nna empa ena e ka hodimo ka hofitisisa. Bana beso ntse ke phela, ntse ke phela hantle fela ka la 20 Mphalane,” ho realo Moloi.

Moloi o hlalositse ha a maketse hore batho bantse ba fitisa melaetsa ya matshidiso ho yena ka nako eo a ntse a phela.

Ba bang ba batshehetse le barati ba Moloi, ba ile ba bontsha ngongoreho ka Moloi ho latela mmele wa hae o theohile le ha yena a hlalositse ho se letho le phoso ka yena.

Moloi ke emong wa batho ba dulang ba hlahella ho marangrang ka mabaka a fapaneng. Lekgetlo le leng o ne a hlahelle ka taba ya ho lefa molekane ya hae wa mehleng karolo e itseng ya moputso ka mora tlhalano.

 

BALA HAPE: Lerato Kganyago o hlahela ditabeng ka lebaka la molekane