
Lerato Kganyago o hlahela ditabeng ka lebaka la molekane
Sebohodi e bile e le seletsi sa mmino (DJ) Lerato Kganyago, o hlahella ditabeng ka lebaka la molekane wa hae Thami Ndlala.
Lebitso la Ndlala le hlaheletse diphuputso tse ntseng dietswa tse amang sepolesa sa Afrika Boroa le ditho tse phahameng tsa mmuso.
Ndlala, ke molekane wa Kganyago eo a ileng a morekela hotel, eo e leng yona e bakileng ditaba dihana ho fela.
Emong wa batho ba ntseng ba fana ka bopaki (Witness A), o hlalositse ha a ile a fumana sememo ho ya Hillel Villa & Spa, e leng Hotel eo Ndlala a e reketseng Kganyago.
Ho fihleng ha Witness A moo, ke moo a fumaneng ba bang ba ditho tse pahameng sepoleseng e leng se etsang hore dipotso dibe ngata ka hotel eo.
Basebedisi ba marangrang, ba botsitse dipotso tsa hore e be ke ntho tse kae tse ntseng dietsahala moo.
Le ha lebitso la Kganyago le sa qhoma bopaking empa ka lebaka la molekane wa hae, basebedisi ba marangrang ba nahanne lebitso la hae le ho ntsha maikutlo a fapaneng.
Ba bang ba batho, ba lepa ha Kganyago a ka tswa a tseba ka boholo ba diketsahalo tse etsahalang hoteleng jwalo ka monga hotel ha babang ba akanya a katswa a sa tsebe.
BALA HAPE:Â Kaylow o ntse a hlaphohelwa hantle
