
Lorraine Moropa o arohana le moratuwa wa hae Tyler ICU
Sebapadi sa ditshwantsho Lorraine Moropa, o arohana le moratuwa wa hae Tyler ICU dikgwedi tse leshome ba tshepisane lenyalo.
Moropa, o ngotse ho marangrang hore o kgathetse ke bohlaba phio (betrayal) ho tswa ho Tyler.
Ke bone modimo a phumula dikgapha tsa ka sethaleng sa matjhabatjha ka mora ho phonyoha bohlaba phio,” ho realo Moropa.
“Bohloko ba ka e bile bona matla a ka. Ke tsowe ka fatshe lekunutung, ka boya sekwele phatlalatsa.”
Sebapadi sena sa mehleng sa Lithapo, se hlakotse ditshwantsho tsa bona mmoho leqhepheng la hae le ho tlohela ho latela Tyler ho Instagram (unfollowed).
Baratani bana ba ile ba nka sedikadikwe sa marato ka sefefo se makatsang jwalo ka ha bane ba dula ba ikuka ditshwantsho bale ditulong tse fapane.
Hara tsena tsohle, sebini sena sa ‘Mnike’ ha seso tshwaele kapa ho ntsha maikutlo a sona ka diketsahalo tsena kaofela ha mmoho le qhoso ya bohlola le bohlaba phio.
BALA HAPE:Â Kaylow o ntse a hlaphohelwa hantle
