Nota Baloyi o qosa Nando’s ka tshebediso ya pina 

Molaudi wa kgwebo mminong (Music Executive) Nota Baloyi, o hlaheletse ditabeng hape ka nyewe e nngwe.

Lekgetlong lena Baloyi ke yena a qosang mme o qosa lebenkele la dijo la Nando’s ka tshebediso ya pina.

Baloyi o qosa Nando’s ka tshebediso ya pina ya “Vuli Ndlela” ya Brenda Fassie e tswakoweng mme e kenyeleditse Kwesta jwalo ka sebini sa tlatsetso.

Baloyi o lla ka hore Nando’s e sebedisitse pina ena ntle le ho kena ditumellano le yena jwalo ka motho ya tshwereng ditokelo tsa pina eo.

Nando’s, e sebedisitse pina ena ya Vuli Ndlela ho e nngwe ya dipapatso tsa bona tsa moraorao ya Peri-Peri.

Qoso ya Baloyi e fupere dintlha tse jwalo ka ho batla tjhelete e kalo ka R850 000 ho Nando’s ka ho sebedisa pina eo basa fumanang tetla ya ho e sebedisa.

Nando’s, haeso arabele diqosong tse hlahletsweng kgahlano le bona mme le maikutlo a batho ba fapana ka tsena tsohle.

Kwesta ya sebeditseng le Nando’s, le yena haa so ntse maikutlo a hae ka tsena jwalo ka ha tshebetso ya hae le Nando’s e bonahama e motswela molemo.

 

BALA HAPE: Ntwa dipakeng tsa Nota le Dj Maphorisa e tswelapele