Lasizwe o hana ho kgethwe ho SASMA

YouTuber le mmamoratwa wa batho, Lasizwe Dambuza o bakile ditaba dihana ho fela ka mora hore barati le batshehetsi ba hae ba se mokgethe.

Lasizwe ke emong wa bo nkgetheng dikgaung tsa di South African Social Media Awards (SASMA) moo a thontsweng makgetlo a mararo mokgahlelong e fapaneng.

Lasizwe, o hlalositse ha a ke ke a lebella hore batshehetsi ba hae ba sebedise tjhelete tsa bona ho mokgetha hore a tlo hapa kgau ya kgalase e tlo otlwa ke lerole.

“Ha keya lebella hore le sebedise tjhelete tsa lona tseo le disebeditseng ka thata. Tshehetso ya lona, maikutlo a lona, ho boha kgatiso tsa ka le lerato la lona, ke yona kgau e kgolo,” ho realo Lasizwe.

Ho kgetha dikgaung tsena, motho o lokela ho romela SMS mme SMS eo ha se mahala, e leng seo Lasizwe a dumelang hore ka tlatlapo ho batshehetse ba kojwana dimahetleng.

Sethathong SMS tsa SASMA e ne e le R10 SMS kang mme ka mora ho seholwa, theko e ile ya theolwa le hoba R2.50 kgetho kang.

Ba bang ba batshehetsi, ba theoleditse Lasizwe ka qeto eo ya hae ya ho se kgothaletse barati ba hae ho kgetha ha ba bang ba bile le mohopolo o fapaneng.

 

BALA HAPE: Ba2cada o phatlalatsa lenaneo la Top 20 Countdown