Lebohang Msiza o kgutlela ho Scandal

Lebohang Msiza AKA Tiro o Kgutlela ho Scandal!

Haeba o ne o nahana hore Mthunzi Mayiza o ne a sebetsa ka ho fetisisa e le molotsana, jwale o se o le mothating wq ho tsoswa hampe.

Tiro More o kgutlile, mme ka tjhebahalo ya dintho, o tlilo baka moferefere.

Tiro, e bapalwang ke Lebohang Msiza, o ile a tsebiswa ho ba bohedi ba Scandal ele abuti wa  Thapelo (Moses Mabuza) a monyane.

Taps esale e le nku e ntsho ya lelapa, empa qetellong bohle ba ile ba mo amohela hape ka lapeng, ntle le Tiro.

O ile a mo fumana e le tlhōdisano, mme dula a mo thehile, e le hore batswadi ba hae ba ka mo lahla.

Tiro o ile a kgona ho sebetsa nako e itseng, ho fihlela ho bonahala hore ke eena molotsana.

Jwale ka nyewe ya polao e holima hae, o ile a bolela bohlanya ho qoba nyewe le ho kenngwa tjhankaneng.

E se e le dikgwedi Tiro a le setheong, hole le lelapa.

Monna o kgutletse skrineng, mme o se a ntse a etsa ditlhoko tsa mefuta yohle.

Motjhana wa hae, Khumo, o na le mofuta wa mofetshe, nme o hloka ho fetiswa mokong  masapo.

E le papadi feela, Tiro o batla hore lelapa le mo thuse ho hlakolwa ditlolong tsa hae tsa molao, le ho kgutlisa bophelo ba hae.

  • Translator