
Sol Phenduka o phunya seso
Sol Phenduka o netefatsa ha ho behellwa ha hae ka thoko mosebetsing hole mabapi le taba e amanang le Minnie Dlamini.
Phenduka o beheletswe ka thoko mosebetsing ke mohori wa hae Kaya 959 le ha Kaya e sa hlalosa lebaka.
“E etsahetse hoseng ha ke tsa ka kopanong. Ba itse ke se re lotho ho latela tumellano ya ramosebetsi (confidentiality clause)” ho realo Phenduka.
“Ke beheletswe ka thoko, wa tseba hobaneng, ke ka lebaka la nyewe ya Minnie Dlamini.”
Sebohodi sa mehleng sa Metro FM, Dj Fresh o ile a lepa ha sesosa e le lebaka la Minnie Dlamini le pele Phenduka a ka phunya seso.
Phenduka o buile sena ho Podcast and Chill moo e leng hana teng moo mantswe ka Minnie Dlamini a ile a buwa teng le ha a saka a tswa molomong wa hae.
MacG ya neng a na le Phenduka ha antse a hlalosa tse etsahetseng, o hlalositse ha bokamoso ba Phenduka seyalemoyang bo le lerotho.
“Ho totobetse hore moya o fokela kae, hwa bonahala hore taba ena e ya kae,” ho realo MacG.
Phenduka o tla tswa a sa eme jwalo ka Ma’Afrika ho utlwa e bang o kgutlela mosebetsing kapa tjhe, le ha boholo ba batho bo lepa ka tsela e fapaneng.
BALA HAPE:Â Dj Fresh o lepa lebaka tabeng ya Phenduka
