
Nyewe ya AKA le Tibz e kgutlela lekgotleng
Nyewe ya sebini sa rap, Kiernan “AKA” Forbes le motswalle wa hae Tebello “Tibz” Motsoane e kgutletse lekgotleng.
Forbes le Motsoane ba ile ba bolawa ka la 10 Hlakola selemong sa 2023 profenseng ya KwaZulu-Natal.
Bobedi bona bone bole Durban moo Forbes a neng a lo bina haba bolawa. Ketsahalo ena e ile ya bonwa kgatisong ya CCTV ya moo e etsahetseng teng.
Banna ba bahlano baile ba tshwarwa ho latela polao ena eo ditshibi di hlalositseng jwalo ka polao e rerilweng.
Ha jwale ho dumelwa ha nyewe ena kapa dika teng tsa polao ena di itshetlehile ntweng e pakeng tsa boithabiso le botsamaisi ba ditekesi.
Nyewe ena e seng e na le nako e matha, ile ya kgefutsa nakwana ho lokisa tse ding tsa ditokomane mme e qadile ho dula kajeno lekgotleng la dinyewe la Durban.
Babelaelwa ba bahlano ba ntseng ba le ditlamong, batla hlaela ka pela lekgotla ho teka tse ding tsa dintho tse diesang nyewe.
Lekgetlo la ho qetela nyewe e dutse, moahlodi Jacqueline Henriques o sehollotse baemedi ba baqosuwa ka ho hulanya maoto ho faneng ka ditokomane tse felletseng tsa bohlokwa.
Tebello ke hore mmuso o tla bitsa dipaki tse 45 tse kenyeletsang basebetsi ba lebenkele la dijo moo bobedi bo ne bole teng le ditshibi tsa phapanyetsano ya ditjhelete.
Bopaki botla kenyeletsa tokomane tse ngotsweng ke ba bang ba ba qosuwe, ha ba bang ba batla ho etsa kopo ya baile.
BALA HAPE: Emtee o ntsha maikutlo tabeng ya Mshini
