Lasiswe o batla puisano le SARS

YouTuber le mmamoratwa wa batho, Lasizwe Dambuza o re o batla puisano le SARS ka mora hore setheo sena se hlalose ha bommamoratwa (content creators/influencers) ba lokela ho lefa lekgetho.

Lasizwe o kene palong ya batho ba seholla tsitsinyo ena ya SARS ya hore batho bana ba leka ho ithehela bophelo ka tsela ya ho hatisa seo ba se etsang letsatsi le letsatsi ba lefe lekgetlo.

Leqhepheng la hae la X, Lasizwe o hlalositse ha a sentse a lefa lekgetho le ho thusa ho aha moruo wa naha ka tsela tse fapaneng.

“Sedikadikweng sena ha sa tsitsa, hona le phapang dipakeng tsa mosebetsi o patalang le o fanang ka dimpho, phapanyetsono le mekgolo e diheyang ho lefsha.”

“Ho lefisa batho lekgetho o sa tsebe ba sebetsa jwang le leka phela ke bowatla.”

Lasizwe o bontshitse tse ding tsa dintho tseo ba fetang ho tsona hore ba fihle moo ba bonweng e le batho ba susumetsa se itseng (influencing).

“Re lefa Makeup, diaparo, dipalangwang, mekete, e leng dintho tseo re di etsang ka tjhelete tsa rona. E meng ya mekete ha e lefe le ho lefa, e fana ka dimpho fela, ke moo re sebedisang tjhelete ya rona.”

Lasizwe o hlalositse ha ho lokela hoba le dipuisane le SARS ho ba ruta le ho ba bontsha ka moo dintho dileng ka teng Sedikadikweng sa bona hona le ho fihlela qeto ya lekgetho empa mosebetsi o sena botsitso jwalo ka mesebetsi e meng.

 

BALA HAPE: Lasizwe o hana ho kgethwe ho SASMA