Makhadzi o makatsa batho ka sefahleho sa pina ya hae

Sebini se amehileng kotsing ya koloi kgwedi e fitileng ya Tshitwe sa Limpopo, se makaditse batho ba ka qeto ya ho sebedisa setshwantsho sa bookelong.

Makhadzi o sebeditse setshwantsho sa ka nako eo a neng a le bookelong e le sefahleho sa pina ya hae e tlang.

Sebini sena se tummeng se ile sa ameha kotsi ya koloi ka la 31 Tshitwe mme a lokela ho hlakola mabaka le ho hlolwa ke hoba karolo ya mekete yeo a neng a lokela hoba karolo ya yona.

Matsatsi a le bookelong, setshwantho sa Makhadzi se ile sa bonahalang ho marangrang mme batho ba lepa haa ne a bua le monna ya sa tsejweng le ha motho wa pele wa ho semaneha e bile Lebo Molax.

Qeto ya Makhadzi ya ho sebedisa setshwantsho sena e batla e sa makatsa ba bang ba batho kaha e mong wa basedise ba marangrang a ile a lepa ha Makhadzi a ka ntsha pina ka ketsahalo ya kotsi.

Pina ya Makhadzi eo a sebeditseng setshwantsho ho yona, lebitso la yona le “Operations” e leng se etsang batho ba ipotse hore e be sebini sena se ngotse ka eng lekgetlong lena.

 

BALA HAPE: Molaetsa wa Makhadzi wa GBV o arola baahi