Zola Ntshangase o nyala mosadi wa bobedi

Zola Ntshangase, monna wa setshwantshisi Nozipho Ntshangase, o nkile mosadi wa bobedi semmuso, Misokuhle Nomsheshe, moketeng wa lenyalo la setso.

Banyalani bao, ba seng ba nyalane ka dilemo tse fetang 17, ba ne ba phatlaladitse merero ya bona ya hore Zola a nyale mosadi e mong, dipuisano tsa lobola di ntse di tswela pele.

Zola o ile a nyatsa tshwaro e mpe ya marangrang a setjhaba e lebisitsweng ho mosadi wa hae e motjha, a re ke tshwaro e leeme.

Nozipho o ne a hlahisitse bothata ba hae ba maikutlo ka qeto eo lenaneong la The Mommy Club, a lla ha a bua ka phello ho eena le ho bana ba hae.

O ile a belaella ho hloka leeme ha maemo, ho latela dilemo tsa bona tse 17 hammoho, le diphetoho mererong ya bona ya bophelo.

“Morero o fetohile, mme ke fumana hore moralo ona o fetohile feela ho ntlisetsa bohloko … ha ke nahane hore ho nepahetse,” a rialo.

Letjhato le tsositse maikutlo a fapaneng metjheng ya ditaba tsa setjhaba, ka balatedi ba hopola ketsahalo ya Nozipho ya maikutlo.

Qeto ya Zola e hlahisitse dipuisano mabapi le sethepu le ditlamorao tsa sona malapeng.

Leha ho na le qabang, Zola le mosadi wa hae e motjha, Misokuhle, ba ketekile kopano ya bona.

Boemo bona bo totobatsa ho rarahana ha dikamano tsa sethepu le kgatello ya maikutlo eo e ka bang le yona ho ba amehang.

  • Translator: Karabelo Molapo