Sebini sa mmino wa lekompo se iteboha ka koloi

Sebini sa Limpopo se bileng le selemo se setle sa tshebetso mminong ka 2025, se qetetse kgwedi ya pele selemo se setjha ka noto e hodimo ka mora ho ithekela Koloi.

Rakgoale Nelly Machete ya tummeng le ho tsebaha ka lebitso la Shandesh, o itebohile ka koloi e kgolo e mabaibai ya moetso wa BMW.

Shandesh ke e mong wa dibini tse bileng le selemo se setle sa tshebetso ka mora ho ntsha dipina tse mmalwa tseo e bileng ditlabolane ho thabisa barati bammino.

Shandi Mama, o ntshitse dipina tse jwalo ka “Sdudla or Slender, Di’Chopper, Warning” le tse ding tse ngata tse ntseng ditswela pele ho sebetsa hantle ho YouTube le mahlakoreng a mong a mmino.

2025, ha yaba selemo sa dipina fela ho Shandesh jwalo ka ha kgalala ena e hapile le dikgau tse mmalwa tse akgang “Dance Artist of the Year, Song of the Year seyalemoyeng sa Capricorn FM” le kgau ya kananelo ya SASMA.

Tebello ke e kgolo ya ho bona hore sebini sena setla sebetsa jwang selemong sena le ho utlwa hore o tla tshola ditlabolane tse jwang ho thabisa barati ba hae.

 

BALA HAPE: Shandesh o hapa kgau ya pina e ratwang