Rametlae Mpho Popps o nkile kano

Rametlae wa Afrika Boroa ya tsebahalang ka lebitso la Mpho Popps, o inketse wa pelo mafelong a satswa feta a beke moo a neng a nyalana le moratuwa wa hae wa dilemo.

Popps o ne a nyalana le mmakgwebo Latoya Mei-Modikoane eo a nang le ngwana wa ngwanana le yena.

Lenyalong lena, ke moo ho bonahetseng bathong ba jwalo ka Nomzamo Mbatha eo e leng motswalle e moholo wa Modikoane mme e ne bile e le yena bridesmaid lenyalong.

Popps le Mei-Modikoane bana le dilemo tse fetang leshome ba utlwana mme mafelong a beke bane ba nka kano ka pele setjhaba ka lenyalo la setso le sileng batho ba eme matlotlosiya le ho kgotsa botle.

Popps ke rametlae ya tsebahalang e bile ke setho sa Podcast ya PNC mmoho le Tsitsi le Farieda Metsileng.

Metsileng le Slee Ndlovu wa ‘The Real Wives’ ke ba bang ba batho ba tummeng ba bonweng lenyalong la Popps.

 

BALA HAPE: Mpho Pops o maketse hore Cyril Ramaphosa o shebella Podcast ya hae