
Oscar Mbo o seholla dibapadi tsa Chiefs
Sebini, mohlahisi e bile e le DJ Oscar Mbo, o bontshitse kgalefo ya hae o marangrang ka mora hore sehlopha sa Kaizer Chiefs se bapalang maleka le Marumo Gallants.
Mbo, o ngotse leqhepheng la hae la Twitter moo a sehollotse ka bohale dibapadi tsa Chiefs ka hore haba bontshe maikemisetso mme ba bang ba bona ha ba lokele ke ho bapalla sehlopha.
“Hona le dibapadi tse sa lokelang ho apara mebala tumeng ya ‘Gold and Black’. Hwa ngongorehida hoba mona empa re ntse re lla ka mathata a sehla se fitileng. Hase bothata ba bokwetlisi, ke dibapadi tse sa bontsheng maikemisetso.”
Mbo ke emong wa batho ba tummeng ba sa pateng lerato la bona ho sehlopha sa Chiefs, mme ka mora papadi ya Gallants o ne a sa kgotsofalla ho hang.
Mohlahisi enwa wa mmino o latile dibapadi ka bongwe le ho hlalosa ka moo a sa kgotsofalang ka teng ke papadi eo ba e bapetse le ka moo ba theolang seriti sa sehlopha ka teng.
Sehlopha, le lokela ho lwana ka moya o le mong. Re kase bapale lapeng jwalo ka ha eka re baeti. Ha ho bonahale sekgahla sa hore re lapeng.”
Mbo o qeteletse ka ho kopa dibapadi ho lwana jwalo ka sehlopha le ho lwanela lebitso le leholo leo bale jarang letsatsi le letsatsi ha ba bapala.
“Le ya tseba re sokola jwang hare etile, empa re bapala maleka re le lapeng ka ntlha tsa modimo nthuse. Hlomphang sehlopha mme le lwane jwalo ka ha le lokela.”
BALA HAPE:Â Setswalle sa Kabza le Oscar Mbo se ya ipabola hape
