
Mokete wa selemo le selemo wa CottonFest o fihla pheletsong
Mokete wa selemo le selemo wa CottonFest, o ke ke wa tswelapele jwalo ka ha ho ne ho rerilwe sethathong.
Mokete ona o neng o thehwe ke sebini sa Hip Hop se seng se iketse masihlwane Riky Rick, o ne e tsejwa ka mmino le moaporo o kgabileng fela jwalo ka Riky Rick a ne a tsejwa.
Qeto ena ya ho se tswele pele ka mokete, e tlile ka mora hore botsamaisi le bahlophisi ba mokete ba se utlwane ka tjhebelo pele le ho fihlela qeto ya ho se tswele pele.
Molekane wa Riky Rick Bianca Naidoo, o hlalositse ha ho tloha qaleho mokete one o itshetlehile bononong le ho keteka setso o bile o fa batjha monyetla wa ho bontsha bokgoni.
“Re motlotlo ka diphihlello tsa mokete ona mme re leboha tshehetso le lerato ho tswa ka makgalo otle. Batshehetse, balekane, dibini le bohle,” ho realo Bianca.
Leloko la Makhado le Bianca ba bontshitse kananelo ya tshehetsong e bonahentseng dilemong tse fitileng moketeng ona.
Ho sebe teng ha mokete o na ho tlisa dipotso tse bileng teng ka nako eo Riky Rick a neng a hlokahala tsa hore ebe mokete o tla tswelapele ho fihla neng ntle le mothehi wa ona.
BALA HAPE: Cassper o leboha batshehetsi ka mora #FillUpToyotaStadium
