Kharishma o thongwa ha bedi ho SAMAs

Sebini sa Limpopo sa mmino wa Lekompo Kharishma, o thontswe makgetlo a mabedi dikgaung tsa selemo le selemo tsa South African Music Awards (SAMA).

Kharishma ya bookelong ka sena sebaka ka mora ho ameha kotsing ya koloi mafelo a kgwedi e fitileng, ke e mong wa bathongwa ba hlahellang kgau e kgolo haholo ya mokete ona.

Pina ya Chokeslam e ntseng e kopanya batho dihloho ha jwale, e hlahile ho kgau ya pina ya selemo (Record of the year) le ho Video of the Year.

Mokgahlelong wa pele ho pina ya selemo, Kharishma o na le dibini tse jwalo ka Kabza De Small, Caiiro, Kelvin Momo le Bassie.

Kgaung ya bobedi ho kgatiso ya selemo (Video of the Year) sebini sena se thontswe le dibini tse jwalo ka Mthandeni SK, Tyla ICU, 2Point1, Pabby Copper le ba bang.

Kharishma, o satswa hapa kgau ya Video of the Year dikgaung tsa Basadi in Music tse bileng pejana selemong sena.

Melaetsa ya takaletso tsa pholo e ntse e kene jwalo ka ha sebini sena se lwanela bophelo ba sona bookelong.

 

BALA HAPE: Sebini sa Limpopo se ameha kotsing ya koloi