
Mokgatlo wa Say No to Pens-Down Parties o etsa boipiletso
Mokgatlo wa baahi wa Say No to Pens-Down Parties, o etsa boipiletso baithuting le setjhaba ho ema kgahlano le ho nwa ha baithuti.
Letshole lena ke thakgolwa hantle ka nako eo baithuti ba sehlopha sa 12 batla kena ditekong tsaho kwala selemo.
Ka mora diteko tsena, baithuti ha atisa ho kena moketeng ona wa boithabiso moo ho etsahalang ntho tse ngata tse fapaneng.
Mokgatlo ona wa Say No to Pens-Down Parties, o kene selekaneng le lefapha la thuto Gauteng ho eletsa baithuti ho se nke karolo meketsng ena.
Ho thehwa ha mokgatlo ona o susumedutse le ke engwe ya diketsahalo moo baithuti ba fetang 20 baileng bahlokahala ntlong ya thitelo ya Enyobeni, Eastern Cape.
“Re ipiletsa hore ho fediswe mekete ya ho beha dipene fatshe (Pens-Down Parties). Sena mmoho le melawana e thata ho batho ba rekisetsang bana jwala le dithethefatsi.”
Mokgatlo o na o hlalositse ha o sebetsa le ditheo tse ngata, malapa ha mmoho le metse mahae ho lwana le bothata bona.
“Bothata bona bo iphile matla dilemo tse fitileng ka mora ho dumelwa ha matekwane mme bo ama batho bohle le ha bana e le mahlatsipa a fetang.”
Ho lebelletswe hore diprofense ka ho fapana dintshe mahlo dinameng moo ditla etsa bonnete ba hore ha hobe le mekete ya mofuta ona ho tibela seileng sa entsahala Enyobeni.
BALA HAPE:Â Pina ya Uzizwa Kanjan e tswa pele
