Monada le Mashabela ba etela Chymamusique bookelong

Sebini sa Limpopo, King Monada o etetse Chymamusique bookelong matsatsi ka mora hore Chyma a amehe kotsi le ho amohelwa bookelong.

Monada o ne a tsamaya le modulasetulo wa dibini (artists) profenseng ya Limpopo Mpho Mashabela ka nako ya ketelo.

Collen Mmotla ya tsebahalang ka lebitso la Chyma kapa Chymamusique, o ile a ameha kotsing ya koloi a tswa ho letsa moo mopalani ya neng a tsamaya le yena Poizen, a ileng a lahlehelwa ke bophelo.

Monada le Mashabela ba etetse Chyma ho lo molakaletsa pholo le ho botsha tshehetse ho mohapi enwa wa dikgau mminong.

Mashabela, o hlalositse ha ketelo ya bona e se ya dibini fela empa e le ya ho bontsha tshehetso ho Chyma.

“Re tlile kwano jwalo ka leloko. Chymamusique o jarile profense ya rona ya Limpopo lefatshe ka bophara ka motlotlo. Ka nako eo a hloka matla, ke mosebetsi wa rona ho ema le yena,” ho realo Mashabela.

Ho tlalehwa ha Chyma a tswile ICU ka mora ho qeta beke a le phaphusing ya batho ba kulang haholo ka mora kotsi.

Melaetsa ya takaletso tsa bophelo bo botle le pholo ya ka pele e ntse e kena ka bongata ho bontsha tshehetso ho Chymamusique le leloko.

 

BALA HAPE: Chymamusique o ntse a le ICU ka mora kotsi