Puisano ya Nandi le L-Tido e kgwephiditse maikutlo a fapaneng

Ka mora puisano eo a bileng le yona le L-Tido, maikutlo a Nandi Madida a tswelapel ho kgwephetsa maikutlo a fapaneng ka hara Afrika Boroa le bathong ba fapaneng.

Madida o utlwahetse a ema le batho ba bontate mathateng le ditebellong tseo ba kopanang le tsona letsatsi le letsatsi hotswa malapeng le metseng eo ba dulang ho yona.

Moemedi (brand ambassador) enwa wa Barber le Bulldog, o buile ka ho utlwisisa tse ding tsa diphepetso tseo banna ba fetang ho tsona mme sena hasa dula batho ba bang hantle.

E mong wa batho ba tummeng ba botsitseng ka ntlhakemo ya Madida ke sebohodi sa mehleng sa Y-FM Dineo Ranaka.

Ranaka o ngotse leqhepeng la hae la Instagram ha a hloka ho ba le puisano le Madida hore a tle a utlwisise lehlakore la hae.

Nandi, re lokela ho ba le puisano ka mohau ona (empathy),” ho realo Ranaka.

“Ke utlwa kena le thahasello ya ho utlwisisa lehlakore la hao. Ke batla ho utlwisisa ausi wa ka.”

Le ha ba bang ba batho ba ikutlwa jwalo ka Dineo Ranaka, maikutlo a theoletsang pono le maikutlo a Madida, a bonahetse ka bongata ho tswa mahlakoreng a fapaneng ho banna le basadi.

 

BALA HAPE: Enhle Mbali: Ntse nka nyalwa hape