Morolong o phahla makunutu a hoba Slay Queen 

Mmamoratwa wa marangrang e bile e le kgalala ya thelevishene Inno Morolong, o buile ka tse ding tsa diphepetso tseo ba tobanang le tsona sedikadikweng jwalo ka batho ba hlaheletseng ka mahetla.

Morolong ya tsejwang ka bophelo bo monate bo mahlong a batho, o hlalositse ha e le matsapa hoba boemong boo baleng ho bona.

“Ha ho bobe hoba ‘Slay Queen’. Ho nka tshelete e ngata le nako ho dula o le boemong bo phahameng,” ho realo Morolong.

“Banana ba bang ba wela dikolotong le ho iphumana ba tlalletswe ke naha mafatsheng a mang. Ba bang ba pata ho sotlwa le kgatello ya maikutlo ka bophelo bo majabajaba.”

Morolong o buile sena jwalo ka ha a tla kgakola pale ho Showmax e butswang ‘Slay Queens’.

Mona ke moo hotla bontshwa bophelo bona bo majabajaba le dikateng tsa bona.

Kgalala ena e hlalosa ha pale ena e tla botsha lekgakore le leng ka yena leo batho ba sa letsebeng.

“Hase ha ngata ke buang empa pale ena e entse hore ke bue ka ntho tse ngata le bophelo boo ke bophetseng.”

Ke motho ya sa utlwisisweng haholo, batho ba dula ba nahana tse mpe ka nna, empa kgatiso ena, e tla bontsha lekgakore la botho baka.

Morolong o phethetse ka hore o dumela ha pale ena e tla ruta banana ba ntseng batla bs hola le ho ba thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng.

 

BALA HAPE: Cyan Boujee o kgutla ka sekgahla